Ntshwarele Hle Morena

Morena buke ya pele ya Johane o rile
Ha re re ha rena dibe re a ithetsa e bile nnete ha eyo ho rona
Wa re 'mpa ha re ipolela dibe tsa rona
Wena o wa tshepahala e bile o lokile
Mme o tla tseba ho re tshwarela dibe tsa rona wa hlwekisa hore re loke hohle
Wa re haeba re re ha re etse dibe
Re ho etsa ya leshano e bile lentswe la hao ha le na bodulo maphelong rona
Ke ka moo ke reng Ntate
Nna ke kopa tshwarelo ya dibe tsa ka

Ke kopa tshwarelo ya dibe tsa ka (Ke kopa tshwarelo ya dibe tsa ka)
Wo ntshwarele, hoo Morena'ka (Ke kopa tshwarelo ya dibe tsa ka)

Morena ke kopa tshwarelo, ya dibe tsa ka (Ke kopa tshwarelo ya dibe tsa ka)
Hoo Morena, ntshwarele (Ke kopa tshwarelo ya dibe tsa ka)

Morena ke hlapohetswe jaaka morwa wa letlhaswa (Ke kopa tshwarelo)
E 'ile ha hlapohelwa a re (Ya dibe tsa ka)
Ke tla tloha ke ye ho Ntate (Ke kopa tshwarelo)
Mme ke fihle ho yena ke kope tshwarelo (Ya dibe tsa ka)
Le nna ke ke kopa tshwarelo Morena (Ke kopa tshwarelo)
Ke kopa tshwarelo Jehova (Ya dibe tsa ka)
Ntshwarele mo ke o sitetseng teng (Ke kopa tshwarelo ya dibe tsa ka)

Morena ke hlapohetswe jaaka morwa wa letlhaswa
E rile ha hlapohelwa a re
Ke tla tloha ke ye ho Ntate
Mme ke re ho yena
Ntate ke sitetse lehodimo le wena
Ha ke sa tshwanelwa ke ho bitswa Morwa wa hao, wowowo-o

Nketse mong wa basebetsi ba hao
Hobane nna ke ho sitetse
Ke sitetse wena le lehodimo
Ha ke sa tshwanelwa ke ho bitswa Morwa wa hao, wowowo-o
E rile morwa wa lehlaswa ha a ipona phoso
A khutlela ho Ntate wa hae
A re ha ke sa lokelwa ke ho bitswa morwa wa hao
Hobane ke sitetse wena le lehodimo iyo-yo-yo yoyo

Morena ke sitetse (Lehodimo)
Lehodimo le lefatshe, ke o sitetse (Le lefatshe, lehodimo)
O ntshwarele (Le mona lefatsheng)
Le nna ke nkhauhele ka mohau wa hao (Lehodimo, le lefatshe)
Oho nkhauhele (Lehodimo, le mona lefatsheng)
Ho ya ka lerato la hao le sa palelweng (Lehodimo)
Ho ya ka mosa wa hao o moholo (Le lefatsheng)
Mme o tlose diphoso tsa ka Jehovah o-yoyo (Lehodimo, le mona lefatsheng)
Hlatswa bokhopo ba ka bohle (Lehodimo)
O nhlwekiseng sebeng sa ka (Le lefatsheng)
Ka hore ke itse diposo tsa ka Jehovah (Lehodimo, le mona lefatsheng)
Sebe sa ka se pele ha mahlo a ka Jehovah
Se pele ha ka kamehla
Se ntshitisa ho rapela
Ho Modimo oho Morena
Ke foseditse wena fela Morena
E bile ke entse sebe mahlong hao
Hore o be le toka ha o bolela
Ka hore wena ha o bua o bua nnete fela Jehovah
He o ahlola o bua nnete fela Jehovah
Nhlwekise
Morena
Ke tla hlweka Jehovah
Ha ke hlwekisa ke wena
Nhlatswe Jehovah
Ke tla ba mosweu ho feta le tlhowa
Fitlha sefatlhego gao dibeng tsa ka Jehovah (Ke kopa tshwarelo ya dibe tsa ka)
O tlose diphoso tsohle tsa ka, oh Morena (Ke kopa tshwarelo ya dibe tsa ka)
O bope ho nna pelo e hlwekileng Modimo (Ke kopa tshwarelo ya dibe tsa ka)
O tsosolose Moya o tiileng ka hare ha'ka (Ke kopa tshwarelo ya dibe tsa ka)

Beliebteste Lieder von France

Andere Künstler von Dance music