Mahlaba-phieo

Philip Lionel Buyi

Intro
Malaba-phieo tiine Mahlaba-phieo tiine
Mahlaba-phio tiine
Chorus 1
Malaba-phieo tiine ke le bone, ke le bone le nkotletse marumo ka likobong
Lona Mahlaba-phieo tiine, ke le bone Mokhoa lona le tshehisa ka meno a ka pele *2
Verse 1
Ba tla o lahla kherehola ba khutle ba o tshehe O no re ke metsoalle ba tla o juta kaofela O lokisa litaba le bone ba khutle seba Ba lula ka pele komiting ea lira ba o rera E ea nanara ebile ha e hlaba ha e bope E emela hore o e foralle e tsebe ho o hlaba e thotse Haele ho tshepa motho ke ho itshiteloa, motho o ts'oana le pela nne o phela ka ho itebela Skeleme le haekaba sesolo ha ke se reke Mahlaba-phieo ha ke'a foke ka letho hoba ha' nfepe Re itsamaisa fela re nehiloe lefats'e ha re thibehe Je jella ho khora re se ntse re nyofa ha re liehe Lena lefats'se ke la banna ba ikatetseng Ke lefats'e la batsamai lena eseng malula lapeng Ke bua ka banna ba basipile makaka-manyatheli Kecho D2AMAJOE, Lilohamano, banna ba maneri.
Chorus 2
Verse 2
Ha se batho kaofela ba ka o ratang ba bang ba ka o sokela fela tjena ba o nyatsa Bang ba tla o tshehisa ka meno a ka pele, O ntse o re ke metsoalle athe ke tsona lira tsa nete Mahlokoana a tsela a tla o qhalla motse, kere lilomela kobong tsena li tla o qeta li thotse Mokhoa tsona ha li batle ho bona motho a phomella Li batla ho bona motho a ntse a sokola a ts'oara a tlohella Ha ila ka hloleha ha ke tele, nkampa ka boella Mo ke tsoang tlala e ea kalloa masimong re'a tsohella Leruo ho bokoa le ka mpeng se na o ntse o re o tla bokella Bo Mabina li khakhatha ha ba fihla ba tla o jella Ha ho sejetsoa ha ba eo empa ha ho jeoa ba teng Ntoa ha e phephetsoa ba ka pele, ha e kupa bai le Meno ba a betla sa ntja ho thetsa maoatla O ba hlokomela ke lits'oele ba ka o etsa marantha.
Chorus 3
Verse 3 Spoken Word
Eehh! Ehlile ke se ke chulo, kere ha'u ts'aba o ts'abe motho. Motho o tebile le ho feta boliba ba leoatle, Ke selotho se thata ka mokhoa o makatsang. Motho! Mahlaba-phieo tiine na ke le bone ebile ke le ngolletse pina. Ke ithutile lona khale. Ba re na mahlaba-pheio ke ba joang, ke bomang? Mahlaba-phieo ke ba mona ba tletseng mona, ba mona ba tshehang le ba'o pelo tsa bona li ba rerelang bora. Na le tla nsheba le nshebe bashana ba'eso le tla nshebela mahala. Ke tseba mo ke tsoang ebile ke tseba mo ke eang. Ke Kommanda Obbs, Ke ile Ts'epe!
Chorus 4

Wissenswertes über das Lied Mahlaba-phieo von Kommanda Obbs

Wer hat das Lied “Mahlaba-phieo” von Kommanda Obbs komponiert?
Das Lied “Mahlaba-phieo” von Kommanda Obbs wurde von Philip Lionel Buyi komponiert.

Beliebteste Lieder von Kommanda Obbs

Andere Künstler von