Semate

Gcwele Maseko

Intro
Le se bile, le se bile, le se bile, le se bile eeeh yeah!
Chorus 1
Le se bile le itebatsa sehabo lona hona mona le se ratile semate
Hee kere le se bile le fetohile makhoba nthong tsa makhoa *2
Verse 1
Bashana ba sejoale-joale ba khaba ka masala lifahlehong Ke sona semate potleloto li entse sehlopha lipokothong O bone ekare motho o qobelletsoe eka o tshepisitsoe thuo Aa ile le liphalana metsing a eja tlhapi a lebetse puo Bo lakabane se ba bitsoa bo Lucky-boy O mona fela hore o fosahetse le ka merero ke butt'e-buoy Basali ba teng ha se bokako ba ea ba tsotse kerekeng Eta ntse li ba khibisa khafetsa ntho li phahame ka liretheng Khoaba le lets'o lefasa thae khoaba la mokhoa moroalo Lona ha le atameloe le'a hlaba nkampa la khangoa ke lipalo Ha le khathalle ho ikhakanya nkampa la boela morao Ha nka la its'eka thejana lehaejo ha le na ho bo lesa bokako Se bile ba sokela li saam-kwancha hona mona Ba'ea koma-koma ba re rona ha re kheme le linako, re morao joalo ka mangole a khohoba re rona ha re kheme le linako.
Chorus 2
Verse 2
Mahaejo tiine ruri le se ratile semate le sena matla. Le se ratile semate sa maiketsetso thetsa maoatla Le tla thetsa bo matalona le rona bo mpara likoata Hoba haele beng ba semate sena bona ba tla le hlola ka litaba(Seeee) Mahaejo tiine ruri le'a makatsa, Sehure sena le roesa lipecha banna le'a sebabatsa Haele se habolona sona se le qhalile matsoho, le itlamme ka ntho li hana ho fela ke hore le fetohile makhoba Ithatikeng ka mafika hoba lona se-ja-pere ha le se tsebe Rona re anse kholu re antse Malitlhofa ka sebele Ha le sa le eo setloaheling lona se le le makhoa a mat'so Ntho li liborene mahlo a mane ha se ka boomo ke sona semate kere ba se bile ba sokela li saam-kwancha hona mona Ba'ea koma-koma ba re rona ha re kheme le linako, re morao joalo ka mangole a khohoba re rona ha re kheme le linako.
Chorus 3
Bridge
Le se bile, le se bile, le se bile, le se bile Le se ratile semate
Le se bile, le se bile, le se bile, le se bile Sa maiketsetso thetsa maotla
Verse 3
Ke bua le lona bo marata-helele motho a tsoa kotsi Lesang ho iketsa bo khoana ts'oana le tla ipolasa ka litsotsi Bashana ba matsatsing ana le icheika hofeta basali Ha le na litlhong le nyalana ka bo lona ebile le ntshetsana mahali Haeba ke eona tsoelopele ena joatsa bass hore ha ke e batle Nkampa ka lula ke le koata mmuso oa ha eke o fahla ka lehlabathe Na haeso leruo le lengata leruo la mehlape le masimu Tsela ea mo ke tsoang ke'a e tseba nka fihla ele mots'ehare kapa bosiu
Chorus 4
Closing bridge
Le se ratile semate Sa maiketsetso thetsa maoatla *2

Wissenswertes über das Lied Semate von Kommanda Obbs

Wer hat das Lied “Semate” von Kommanda Obbs komponiert?
Das Lied “Semate” von Kommanda Obbs wurde von Gcwele Maseko komponiert.

Beliebteste Lieder von Kommanda Obbs

Andere Künstler von