Thapelo tsa rona

Masupha Molapo

Intro
Tselng ena Tseleng ena *7
Chorus 1 (Daddy)
Tseleng e eang Leholimong, utloa lithapelo tsa rona Morena.
Re li tlisitse ho uena, utloa lithapelo tsa rona Morena.
Verse 1
Ere ke bue masa a kokometsa ma-palesa pelo, ke qhale bolutu le boroko taba li sa tloha Mo ke tsoang mo-ja pele o its'oanela le moja-morao, Sesotho se re ha li na motloha-pele nthoena ke lebili e ea tjeka O tshepe se'o se tsebang o itshetlehe o hlo mamarele O be eona khomorali ea kokotane boshoa bots'oere Batho ba tla o hohela ka maleme a bona a monate, ba o khelese tseleng e nepahetseng o lebe liheleng o sa rate Ke ba maloa ba tla le bona leseli la bophelo, ha bongata bo kekeng ba baloa bo ntse bo foufala Bo apareloa ke lefifi ho sala thota ho fela lebelo Jorotane ha ho tsheloe ka libuka le mangolo ho tsheloa ka tumelo. Matsatsing ana a litsietsi ho khajoa ka litloktsi Re sesa bolibeng ba mathata hoba re bafokoli Ho jeoa ka liphaka ho khajoa ka lithunya maphakong, Batho re fetohile likhutsana ma-robala khabong
Chorus 2
Verse 2
Thapelo tsa rona li telele li hloka amen, re rapella Khotso maphelong a rona re rapella katleho Tlatlamacholo o se re lahle, re tlisa thapeli tsa rona ho uena batho re se o lebale Ntate re se o lebale Re rorisa uena fela musi oa Leholimo le Lefatshe, hoba ho tshaba Jehovah ke motheo oa tsebo le bohlale Ke rapella lira tsa ka joalo ka ha ke rapella metsoalle, ke rapella ba beso joalo ka ha ke rapella matsoantle Lefats'eng lena la mafu metsoalle e fetohile lira, botle le nete li fetohile bokhopo ntate ho boima Ke lefats'e la mahlomola ka ntle mekhathala ka hare, ke lona lefats'e la mautla satane o iphetotse mohale Re'a fokola mahlong a e moholo kafela, hoba merero ea hae eona e ea sita ebile e re imela Empa Molimo ha'o nehe motho ka mo lefats'e le mo nehang, o ka rapela sesafeleng Molimo o neha ba lumelang.
Chorus 3
Bridge
Wheee wee whee we we we
Tseleng ena, tseleng ena*7
Verse 3
Ha' eo lefats'eng motho nang le boiketlo, thabo ke mohatla' pela monna o phela ka ho itela Ba phelang atleng ts hae ba tla thola khanya e sa feleng, ba ts'oenyehang ka baka la hae ba fumane molemo o sa feleng Tsela e lebang musong oa Maholimo e ne betloe khale, e betloa ke uena Moloki Mopi oa Leholimo le Lefats'e
Chorus 4

Wissenswertes über das Lied Thapelo tsa rona von Kommanda Obbs

Wer hat das Lied “Thapelo tsa rona” von Kommanda Obbs komponiert?
Das Lied “Thapelo tsa rona” von Kommanda Obbs wurde von Masupha Molapo komponiert.

Beliebteste Lieder von Kommanda Obbs

Andere Künstler von