Kibao

Tsatsi la hao
Le fihlile
Ha ho ya ka le thibelang ngoaneso
Ba ba leng mona ba tlohele ba bue
Re tla ba romella dikuku le khemere

Ha re bina tje
Re shapa mehobelo
Ha ba bina so
Ba khiba le monyadiwa ho monate

Makhe re kopa matsoho
Lena ke lenyalo
Ha re nyakalleng kaofela

Ke bao (Au ke bao)
Ba kena
Ba khiba
Mekholokoane didietsang

Ke bao
Ba kena
Ba khiba
Mekholokoane didietsang

Ba re saka
Saka o mo tshware
Mo tshware ka letsoho
Mekholokoane didietsang

Ba re saka
Saka o mo tshware
Mo tshware ka letsoho
Mekholokoane didietsang

Meokho
Tshokolo
Dikhokhano le di tlohela morao

Bona ke wa hao
Sa hae ke sa hao
Meleko yona ha e chechele morao (E chechele morao)

Ha re bina tje
Re shapa mehobelo
Ha ba bina so
Ba khiba le monyadiwa ho monate

Makhe re kopa matsoho
Lena ke lenyalo
Ha re nyakalleng kaofela

Ke bao
Ba kena
Chechang ba kene (Ba khiba)
Mekholokoane didietsang

Ke bao, ke bao ba kena (Ke bao)
Ba kena
Ba bina (Bina)
Saka saka saka wena saka (Mekholokoane didietsang)

Ba re saka
Saka o mo tshware
O mo tshware ka letsoho (Tshware ka letsoho)
Shapa mekholokoane (Mekholokoane didietsang

Owu-oh (Ba re saka)
Saka le yena (Saka o mo tshware)
Tshware ka letsoho (Tshware ka letsoho)
Mekholokoane (Mekholokoane didietsang)

Au ke bao
Ba kena
Ba khiba
Mekholokoane didietsang

Ke bao
Ba kena
Ba bina
Mekholokoane didietsang

Beliebteste Lieder von MELO

Andere Künstler von Trap